Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 28:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ya atisang leruo la hae ka bokgonatha le ka phahello, o bokellela motho ya tla hauhela basenyehi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Ya atisang ruo la hae ka ho le tswadisa, a le atise le ka ho hanyapetsa, o le bokellela ya tla hauhela mafutsana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 28:8
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele konyana, a ke a e lefe ka tse nne, hobane o entse taba ena le ho hloka mohau.


o tla utlwela ya madimabe le mohloki bohloko, a boloke bophelo ba ya lesitsi;


Leha o adima e mong wa setjhaba sa ka tjhelete, kapa e leng mofutsana ya leng ha hao, o se ke wa mo etsa kamoo ho ka etsang ya adimelang phaello kateng; o se ke wa mo tlamela phaello.


Motho e motle o siela ditloholo tsa hae lefa; empa maruo a moetsadibe a tla fuwa motho ya lokileng.


Ya nyedisang wa habo o etsa sebe; empa ho lehlohonolo motho ya leng molemo ho mofutsana.


Ya tubang mofutsana o nyedisa Mmopi wa hae; empa ya molemo ho mofumanehi o a mo rorisa.


Mofutsana, banababo bohle ba mo hloya, thaka tsa hae di tla fetisa hakakang ka ho mo ila! Ere a sa bua, ba se ba mo hasanela.


Efela motho eo o mo ratang, o ye o mo nee bohlale le tsebo le thabo; athe ya etsang sebe, Modimo o ye o mo nee mosebetsi wa ho bokella le ho totisa, hore o tle o nee eo o mo ratang. Hoo le hona ke lefeela le mosebetsi o nyopileng.


a adima ka phahello, a nka katiso, na o tla phela na? Ha a ka ke a phela; o entse manyala ao wohle, a fele a bolawe, madi a hae a be hodima hae!


a sa etse mohlomohi ka matla, a sa nke phahello leha e le katiso, a etsa ka ditaelo tsa ka, a tsamaya ka dikomelo tsa ka; eo a ke ke a shwa ka bokgopo ba ntatae, o fela a tla phela.


ha a sa adime ka phahello, a sa nke katiso ha a ntsha letsoho la hae bokgopong, leha a ahlolela batho ba tlisaneng nyeweng ka tshwanelo,


O se ke wa mo ja ka katiso, o se ke wa rua ka yena; o tshabe Modimo wa hao, ngwaneno a tle a phele ha eno.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ