Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 28:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ba babe ha ba utlwisise se lokileng; empa ba batlang Jehova ba utlwisisa ditaba tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Batho ba kgopo ha ba na kutlwisiso ya toka, ba kgumamelang Morena ba na le kutlwisiso ya tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 28:5
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke fetisa ba hodileng ka kutlwisiso, kahobane ke boloka ditemoso tsa hao.


Ditaelo tsa hao di ntlhalefisa haholo ho fetisa dira tsa ka, hobane di na le nna kamehla.


Lekunutu la Jehova ke la ba mo tshabang, o ba ruta selekane sa hae.


Motho ya letlaopa ha a tsebe teng, lewatla ha le utlwisise teng.


Ho ya masene tsela ya bophelo e nyolosetsa hodimo, e mo phemisa nqalo ya bafu e katlase.


Jwale, o tla tseba ho loka le tshwanelo le bokgabane le mekgwa yohle e molemo.


Bohlale bo phahamile, bo feta ya leahlama; a ke ke a ba le molomo kgotla.


Kgomo e tseba ya e ruileng, esele e tseba lesaka la monga yona: Iseraele yena ha a na tsebo, setjhaba sa ka ha se na temoho.


Ba hlokile tsebo le kelello, hobane ba netilwe mahlo, hore ba se ke ba bona; le dipelo, hore ba se ke ba utlwisisa ka tsona.


A re: Eya, o bolelle setjhaba seno, o re: Le tla mamela, empa le ke ke la utlwisisa; le tla tadima, empa le ke ke la bontshisa.


Ruri setjhaba sa ka ke sethoto, ha se ntsebe; ke bana ba mawatla ba se nang kelello; ba bohlale ho etsa hampe, empa ha ba tsebe ho etsa hantle.


Ha ba tsebe ho etsa ho lokileng, ho itswalo ke Jehova, bao ba bokellang kgapo le tshenyo matlung a bona.


Ekare ha motho a rata ho etsa thato ya hae, o tla tseba thuto hore na e tswa ho Modimo, kapa ke bua ke iqalla tsa ka.


Ha e mong ho lona a hloka bohlale, a bo kope ho Modimo, o sitsang bohle ka phano e kgolo, o se na ho kganana, mme o tla bo newa.


Haele lona, le amohetse tlholo ho Ya halalelang, mme le tseba tsohle.


Haele lona, tlholo eo le e nkileng ho yena e dutse ho lona, mme ha le a tshwanela ho rutwa ke e mong; empa jwalokaha tlholo ya hae e le ruta tsohle, mme e le ya nnete, e se ya leshano, dulang ho yona, jwalokaha a le rutile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ