Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 28:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ha setjhaba se kenwa ke bokwenehi, marena a ba mangata; empa mmuso o tiya ka monna ya masene, wa ditaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Tjhaba ha se le kgopo se hlahlamanya babusi, empa toka e hlaha ka ya nang le bohlale le tsebo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 28:2
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele Nadabe, mora Jeroboame, a qala ho busa Iseraele ka selemo sa bobedi sa Asa, morena wa Juda; a busa Iseraele ka dilemo tse pedi.


Baesha a mmolaya ka selemo sa boraro sa Asa, morena wa Juda, mme a busa tulong tsa hae.


Hlohonolofatso ya ba lokileng e haha motse; empa o qhalwa ke melomo ya ba babe.


empa teng motho o ne a le teng, wa mofutsana, ya bohlale, ke yena ya pholositseng motse ka bohlale ba hae; leha ho le jwalo, motho eo wa mofutsana ha a ka a hopolwa ke motho.


Ditloholo tsa hao di tla tsosa masupi a boholoholo; o tla tsosa metheo ya kgale, mme o tla rewa motsosi wa dikgeo, le molokisi wa diterata tse ka ahuwang.


Ha ho le jwalo, morena keletso ya ka e amohelwe ke wena, o lopolle dibe tsa hao ka ho etsa ka ho loka, le bokgopo ba hao ka ho hauhela bafumanehi, mohlomong ekaba o tla lelefatsa katleho ya hao kahona.


Ke o neile morena bohaleng ba ka, ke tla mo tlosa kgalefong ya ka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ