Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 28:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Motho ya imetsweng ke madi a motho e mong o ya nne a balehe ho isa lebitleng; le se ke la mo tshwara.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Ya molato wa ho tsholla madi a motho, e tla ba mophaphathehi ho isa lefung, ho se be ya lekang ho mo thiba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 28:17
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Etlare ha o lema lefatshe, le ke ke la o hlahisetsa tsa lona; o tla ba mobalehi le moleleri lefatsheng.


Ya tshollang madi a motho, le madi a hae a tla tshollwa ke motho; hobane Modimo o entse motho ka setshwantsho sa wona.


Haele Absalome yena, a baleha. Yaba mohlanka ya lebelang, ha a emisa mahlo ho tadima, a bona ho hlaha batho ba bangata ba tsamayang ka tsela e sikang le thaba.


Bahlankana ba leshome, mahlahana a Joabe, ba teela Absalome hare, ba mo hlaba, ba mmolaisa.


Morena Salomone a tsebiswa, ha thwe: Joabe o tshabetse tenteng ya Jehova; ke eo, o aletareng. Salomone a roma Benaia mora Jehojada, a re ho yena:


Ere ho yena: Jehova o re: Na o fela o bolaile, o bile o nkile na? Eketsa o re ho yena: Jehova o re: Moo dintja di nyekileng madi a Nabothe, dintja di tla nyeka le a hao madi.


Jehova o buile le baken sa Jesebele, o itse: Dintja di tla ja Jesebele lepatlelong la Jisreele.


kamoo Jehova a itseng kateng: Kannete maobane ke bone madi a Nabothe le madi a bara ba hae. Ke tla iphetetsa ho wena hona tshimong eo. Ho itswalo ke Jehova. Mo nke ke hona, o mo lahlele tshimong, jwalokaha Jehova a boletse.


Ha e mong a tsohela e mong matla ka bolotsana hore a mmolaye ka mano, o tla mo tshwara, leha a se a balehetse aletareng ya ka, o mmolaye.


Ke mahlo a boikgohomoso, ke leleme le mano, le matsoho a tshollang madi a se nang molato;


Empa Ishmaele, mora Nethania, a phonyoha ho Johanane, a ena le batho ba robileng meno e le mmedi, mme a ya ho bana ba Ammone.


Babarebare ha ba bona noha eo e leketla letsohong la hae, ba bolellana, ba re: Ruri motho enwa ke mmolai; hobane, leha a pholohile metsing, tefetso ya lehodimo e hana hoba a ka phela.


Empa ekare ha e mong a hloile wa habo, a mo lalla, a mo tsohela matla, mme a mmolaya a eshwa, mme a balehela ho o mong wa metse eo,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ