Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 28:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Morena ya se nang temoho ke motshwenyi e moholo; empa ya hloileng ho ja batho o tla eketsa ditshiu tsa ho phela ha hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Mmusi ya sethoto ke mmampodi ya sehloho; ya hloileng maruo a bolotsana o tla phela halelele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 28:16
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Banna ba batjha, ba neng ba hodile le yena, ba mo araba, ba re: E re ho setjhaba sena se o boleletseng, sa re: Ntatao o re jarisitse joko e boima, wena, o e qephise; e re ho bona: Monwana wa ka o monyenyane o motenya ho letheka la ntate.


A bolela keletso ya banna ba batjha, a re: Ha ntate a le jarisitse joko e boima, nna ke tla le ekeletsa; ntate yena o le otlile ka diphafa, nna ke tla le otla ka diphepheng.


Athe babusisi ba pele, ba nnileng ba eba teng pele ho nna ba ne ba imeditse setjhaba, ba nka bohobe le veine ho sona, ba nka le dishekele tse mashome a mane tsa silefera; hape, bahlanka ba bona ba ne ba busa ka thata hodima setjhaba; empa nna, ha ke a ka ka etsa jwalo ka baka la ho tshaba Modimo.


O ikgethele banna ba bohlale hara setjhaba, ba tshabang Modimo, banna ba sebele, ba ilang bokgonatha; o ba bee balaodi ba dikete, balaodi ba makgolo, balaodi ba mashome a mahlano le balaodi ba mashome.


Ya ineelang leruo le sa lokang o sotofatsa ntlo ya hae; haele ya hloileng dimpho tse hokang, o tla phela.


Ho madimabe lefatshe leo morena wa lona e leng ngwana, leo mahosana a lona a jang e sa le hosasa!


Ka boela ka lemoha dihloriso tsohle tse etswang tlasa letsatsi, mme ka bona meokgo ya ba hloriswang, ho mpa ho se ya ba tshedisang. Ka nqa ho bahlorisi ba bona, ka bona bothata, ho mpa ho se monamoledi.


Haele setjhaba sa ka, se hatakelwa ke bana, basadi ba se busa. A setjhaba sa ka! batsamaisi ba hao ba o kgelosa, ba senya tsela eo o tsamayang ka yona.


Utlwang lentswe lena, lona dithole tsa Bashane tse thabeng ya Samaria, lona le hlorisang ba banyenyane, le tshwenyang mafutsana, le reng ho banna ba lona: Tlisang, re nwe!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ