Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 28:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Mohla ba lokileng ba hlolang, boiketlo bo teng; empa ba babe ha ba phahama, ho ipatwa ke batho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Ha ba lokileng ba busa tjhaba se a thoholetsa; ha ba kgopo ba busa tjhaba se a ipata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 28:12
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ana monga ka, ha o eso ho bolellwe seo ke se entseng, mohla Jesebele a neng a bolaya baporofeta ba Jehova, kamoo nkileng ka pata batho ba mashome a mahlano lehaheng le leng kateng, ho le leng ka pata ba bang ba mashome a mahlano, e le baporofeta ba lekgolo ba Jehova, ka ba fepa bohobe le metsi na?


Elia, ha a bona ho le jwalo, a tloha, a ikela ho ipholosa, a ya Beerseba wa Juda, mme a siya mohlanka wa hae teng.


Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e meraro la kgwedi ya bosupa, Salomone a kgutlisa setjhaba, ba ikela hae ditenteng tsa bona ka thabo le ka pelo tse nyakaletseng ke molemo oo Jehova a o etseditseng Davida le Salomone le setjhaba sa hae sa Iseraele.


Ha ba lokileng ba atleha, motse o a thaba; empa mohla ho timelang ba babe, ke ditlatse feela.


Ha ho phahama ba babe, eba batho ba ipata; mohla ba timelang, eba ba lokileng ba ngatafala.


Mohla ba lokileng ba atang, setjhaba se ye se thabe; empa mohla ho busang e mobe, setjhaba se ye se lle.


Ho madimabe lefatshe leo morena wa lona e leng ngwana, leo mahosana a lona a jang e sa le hosasa!


Yaba baholo ba re ho Baruke: Eya, o ipate, wena le Jeremia, ho se be motho ya tsebang moo le leng teng.


Mme morena a laela Jerameele, mora morena, le Seraia, mora Asriele, le Shelemia, mora Abdeele, hore ba tshware Baruke mongodi le moporofeta Jeremia; empa Jehova a ba pata.


Eyang le diterata tsa Jerusalema, le tadime, le itsebele tsa teng, le batle mapatlelong a teng, ha le ka fumana motho wa sebele, ha e mong a ka ba teng ya etsang ka ho loka, ya phehellang nnete, ke tle ke hauhele motse.


Hape ntate, bona moleka wa kobo ya hao o letsohong la ka; hobane ke sehile moleka wa kobo ya hao, ke sa o bolaye; o tsebe kahoo, le ho bona hobane ha ho bobe leha e le molato ho nna; hape, ha ke eso ho o sitelwe ka letho; leha ho le jwalo, o ntse o mphallela ho nkamoha ho phela ha ka!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ