Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 27:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Bohale bo soro, hlonamo ke ho tlala ha noka; haele lefufa, ke mang ya tla ema pela lona?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Kgalefo e sehloho, bohale bo a tlokoma, empa mona o ka engwa ke mang kapele?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 27:4
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A rua mehlape ya manku, le mehlape ya makgomo, le bahlanka ba bangata, Bafilesta ba ba ba mo honohela.


Banababo ba mo honohela, empa ntatae a nahana taba eo.


Empa Onane, ka ho tseba hobane bana e ke ke ya eba ba hae, e ne e re ha a eya ho mosadi wa moholwane wa hae, o ne a ithusetsa fatshe, a tle a se ke a fa moholwane bana.


Athe bohale bo bolaya lehlanya, mme lewatla le bolawa ke mona.


Pelo e tshweu e phedisa mmele wa motho; empa mona o bodisa masapo a hae.


Lejwe le boima, le lona lehlabathe, empa hlonamo ya lehlanya e di feta tse pedi.


Hobane lefufa la monna le a mo hlantsha, a be a hloke le mohau mohla a iphetetsang.


O mpee jwaloka tiiso pelong ya hao, jwaloka tiiso seatleng sa hao! Hobane lerato le matla jwaloka lefu, poulelo e thata jwaloka nqalo ya bafu; malakabe a lona ke malakabe a mollo, ke kgabo ya Jehova.


Hobane o ne a tseba hobane ba mo neetse yena ka mona.


Empa Bajuda ba sa dumelang ba eba mona, mme ba tla le banna ba bang ba bolotsana, ba thotsweng mapatlelong, ba iketsa sehlopha, ba ferekanya motse; ba patela ntlo ya Jasone, mme ba batla Pauluse le Silase, ho ba isa pela setjhaba.


Yaba moprista e moholo o a ema, le bohle ba nang le yena, e leng ba thuto ya basadusi, ba tletse mona;


Bapatriareka ba honohela Josefa, ba reka ka yena, a iswa Egepeta; empa Modimo wa nna wa eba le yena,


Ba tletse bokgopo bohle, le bootswa, le lonya, le takatso ya moruo, le bolotsana, ba tletse mohono, le polao, le kgang, le thetso, le manganga.


mme re se ke ra ba jwaloka Kaine, e neng e le wa e mobe, mme a bolaile ngwanabo. Mme o mmolaile ka baka lang? Ke hobane yena mesebetsi ya hae e ne e le e mebe, athe ya ngwanabo e ne e lokile.


Saule a honohela Davida ke hona, haesale mohlang oo, ho ya ho ile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ