Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 27:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Hobane nala hase ya kamehla, le borena ha bo hlolehe kamehla le mehla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 hobane leruo ha le hlole kamehla yohle, le mofapahlooho wa kgosi ha o fetele melokong yohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 27:24
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ntlo ya hao le mmuso wa hao di tla nne di tiye pela hao ka ho sa feleng, le terone ya hao e tla tiiswa kamehla.


O ntlhobodisitse kganya ya ka, o rotse moqhaka hloohong ya ka.


Moloko wa hae o tla nne o be teng ka ho sa feleng, terone ya hae e tla nne e be teng pela ka jwaloka letsatsi;


o nyedisitse selekane seo o neng o se entse le mohlanka wa hao, o silafaditse moqhaka wa hae ka ho o lahlela fatshe.


O se ke wa ikgathatsa ho bokella leruo; tlohela kgopolo ya teng.


O le tadimelang, haele moo le tla feta kapele? Le tla mela mapheo ruri, le rurele hodimo jwaloka ntsu.


Ho na le kotsi e bohloko eo ke e boneng tlasa letsatsi: ke leruo le sotofatsang monga lona ya le bokeletseng;


hore a hodise mmuso, le ho tlisa kgotso e sa feleng teroneng ya Davida le mmusong wa hae; o tla o tiisa, a o tshehetse ka toka, le ka ho loka, jwale le ka ho sa feleng. Tjheseho ya Jehova wa makgotla e tla etsa hoo.


Bolella morena le mofumahadi, o re: Ikokobetseng, le ke le dule fatshe, hobane moqhaka wa kganya ya lona o wele dihloohong tsa lona.


Moqhaka o wele dihloohong tsa rona; ho madimabe rona, hobane re sitilwe.


Morena Jehova o re: Rola moqhaka, o tlose mokgabo wa hao; se leng teng ha se sa tla ba teng; ho phahamiswa se kokobetseng, ho kokobetswa se phahameng.


Leha e le silifera ya bona, leha e le kgauta ya bona, di ke ke tsa tseba ho ba namolela tsatsing la kgalefo ya Jehova; mme ka mollo wa poulelo ya hae, lefatshe lohle le tla tjheswa, hobane o tla fedisa, a be a timeletse baahi bohle ba lefatshe ka sehloho.


Morui yena a ithabele bofutsaneng ba hae; hobane o tla fela jwaloka palesa ya jwang.


Jwale, borena ba hao bo ke ke ba tiya; Jehova o ikgethetse monna e mong ya pelong ya hae; Jehova o se a mo kgethile hore e be morena wa setjhaba sa hae, kahobane ha o a ka wa boloka seo Jehova a o laetseng sona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ