Jakobo a re ho yena: Morenaka, o a tseba hobane bana ba sa ntse ba fokola, mme ke na le dinku le dikgomo tse anyesang; ekare ha di ka potlakiswa ka letsatsi le le leng, mohlape kaofela o ka shwa.
Hape, a haha ditora lefeelleng, mme a tjheka didiba tse ngata, estwe a ne a ruile makgomo a mangata a fulang dithoteng le masabasabeng, a ruile le balemi ba dikoro le ba merara dithabeng le Karmele, hobane a ne a rata masimo haholo.
Utlwang lentswe la Jehova, lona ditjhaba, le tsebise dihlekehleke tse hole, le re: Ya hasantseng Iseraele o a mmokella; o tla mo disa jwalokaha modisa a disa mohlape wa hae.
Jwalokaha modisa a hlahlobisisa mohlape wa hae mohla a tshohang a le hara dinku tsa hae tse hasaneng, ke tla hlahlobisisa dinku tsa ka jwalo, ke di ntshe dinqalong tsohle tseo di qhalanetseng ho tsona, mohla letsatsi la maru le la lefifi.
a re ho bona: Beang dipelo tsa lona tabeng tsohle tseo ke le pakelang tsona kajeno, le tle le di laele bana ba lona, ba tle ba itise ho etsa ka dipolelo tsohle tsa molao oo.
ke re: Alosang mohlape wa Modimo o ho lona, le o lebele, e eng ka ho qophellwa, e mpe e be ka ho rata; e seng ka baka la moruo o mobe, e mpe e be ka ho rata;
Empa Eliabe, moholwane wa Davida, ha a utlwa taba tseo a di buang le banna bao, a halefela Davida, a re: O tletseng kwano? Mme dinkunyana tsela tse seng kae o di siile le mang nahathothe? ke tseba boikgohomoso ba hao le mabela a pelo ya hao, hobane o tlile ho boha ntwa feela!