Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 26:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Ya tjhekang lemena o tla wela teng, mme lejwe le tla boela hodima ya le thetang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Ya tjhekang lemena o tla wela ho lona, ya thetang lejwe le tla mo wela hodimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 26:27
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba ba fanyeha Hamane sefateng se neng se lokiseditswe Mordekai, mme kgalefo ya morena ya kokobela.


Mme yanayare mohla Esthere a tlang pela morena, a laela ka mangolo hore morero o mobe o rerilweng ke Hamane wa ho lwantsha Bajuda, o busetswe hloohong ya hae, mme a fanyehwe sefateng, e le yena le bara ba hae.


Ya madimabe o hloreha ke boikgohomoso ba bakgopo, o tshwaswa marabeng a lohilweng ke bona,


Ba ne ba tjhehile leraba tlasa maoto a ka; moya wa ka o ne o kobehile. Ba ne ba tjhekile lemena pela ka, ho wetse bona ho lona. (Sela.)


Baditjhaba ba tebela lemeneng leo ba itjheketseng lona; maoto a bona a tshwaswa lerabeng leo ba le patileng.


Ya tjhatjhehisang ba lokileng ho ba kgelosetsa tseleng e mpe, e tla ba yena ya welang lemeneng leo a le tjhekileng; ba lokileng bona ba tla ja lefa la lehlohonolo.


Molotsana o tla tshwaswa ke makgopo a hae, a bofjwe ka marapo a dibe tsa hae.


Ya tjhekang lemena o tla wela ho lona, ya etsang sekgeo lerakong o tla longwa ke noha.


Ho madimabe molotsana, o dutse hampe; hobane o tla newa moputso wa mesebetsi ya matsoho a hae.


Hobane Jerusalema o a thekesela, Juda o a wa, hobane maleme a bona le diketso tsa bona di lwantsha Jehova, ho halefisa mahlo a kganyang a hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ