E mong le e mong a ke a itebele motswalleng wa hae, le se ke la tshepa le a mong wa habo lona, hobane e mong le e mong wa habo motho o ye a kgohlise, motswalle ka mong o ye a etselletse;
Ebile Saule o re ho Davida: Bona Merabe, moradi wa ka e moholo, ke tla o nea yena, e be mosadi wa hao; feela, o ipee monna ya matla ho nna, o lwane dintwa tsa Jehova. Athe Saule o ne a re: Letsoho la ka le se ke la eba ho Davida, e mpe e be matsoho a Bafilista a bang ho yena.