Ana ho bona ba babedi, ke ofe ya entseng thato ya ntatae? Ba re ho yena: Ke wa pele. Jesu a re ho bona: Kannete ke a le bolella, ke re: Balekgetho le basadi ba bafebi ba le raka mmusong wa Modimo.
Mofarisi a ema, mme a iketsetsa thapelo, a re: Modimo, ke a o leboha ha ke se jwaloka batho ba bang, e leng mashodu, le bakgopo, le bafebi, leha e le jwaloka molekgetho enwa.
Yaba o retelehela ho mosadi, a re ho Simone: Mosadi enwa o a mmona na? Ke kene tlung ya hao, mme ha o a ka wa nnea metsi ho itlhatswa maoto; empa enwa o kolobisitse maoto a ka ka meokgo, o a hlakotse ka moriri wa hlooho ya hae.