Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 25:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 O se ke wa phaka wa ya nyeweng, esere mohlomong qetellong wa kena tsietsing, ha o se o hlotswe ke wa heno.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Se potlakele ho isa motho ka kgotla, esere mohaeno a o tlontlolla, wa qetella o se na seo o ka se etsang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 25:8
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ebile Abnere o howeletsa Joabe, a re: Na lerumo le tla nne le je ka ho sa feleng na? Na ha o tsebe hobane qetellong ho tla baba na? Ke neng o tla bolella batho ba hao hore ba lese ho phallela banababo bona?


Morena a re: Petsolang ngwana ya phelang kalehare, le nee mosadi e mong mokgekgetho o mong, e mong a nke mokgekgetho o mong.


Mohlomong, ho motho, tsela e nngwe e bonahala e ntse eka e lokile, athe bofello ba yona bo isa lefung.


Ho qala phapang ke ho phunya metsi; ka baka leo, kgang ha e eso ho hotele, o e tlohele.


Melomo ya sethoto e se kenya diphapang, leleme la sona le mema melamu.


Hobane ho fehla lebese ho hlahisa sereledi; ho penya dinko ho hlahisa madi; mme ho hotetsa bohale ho hlahisa dikomang.


O se ke wa phaka wa halefa pelong ya hao, hobane kgalefo e ye e hanelle sefubeng sa mawatla.


Baporofeta ba porofeta leshano, baprista ba busa hammoho le bona, mme setjhaba sa ka se ikgahlisetsa teng. Le tla etsang qetellong?


O phakise o dumellane le ya tsekisanang le wena, le sa le tseleng le yena; esere mohlomong ya tsekisanang le wena a o neela maohlodi, mme moahlodi a o neela mohlanka wa kahlolo, mme wa kgarameletswa teronkong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ