Empa enore ha o bitsitswe, o ye, o dule tulong e kamorao, hore ya o bitsitseng ha a etla, a re ho wena: Motswalle, fetela pele. Mme jwale, e tla ba hlompho ho wena hara ba dutseng dijong le wena.
Enore ha motho a o bileditse bohading, o se ke wa dula tulong e kapele, esere mohlomong e mong ya o fetisang ka ho hlomphuwa a ka tshoha a bitsitswe le yena ke monga dijo;
Saule a re ho yena: Bua. Samuele a re: Ha ke re, o ne o le monyenyane le mahlong a hao, mohla o bewang hlooho ya meloko ya Iseraele, e le mohla Jehova a o tlotsang ho ba morena wa Iseraele na?