Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 25:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Taba tse monate tse tswang naheng e hole, di jwaloka metsi a phodileng ho motho ya nyorilweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 Taba tse monate tse tswang naheng e hole di ka metsi a phodileng mmetsong o nyorilweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 25:25
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba ba mo phetela mantswe wohle a Josefa, ao a ba boleletseng wona; eitse ha a bona makoloi a rometsweng ke Josefa ho mo lata, pelo ya Jakobo, ntata bona, ya boela ya hlaphoha.


Davida a lakatsa, a re: Ke mang ya tla nnosa metsi a sediba sa Bethlehema, se kgorong?


Bona, ke tla ema pela hao mane lefikeng la Horebe; o tla tea lefika, mme metsi a tla tswa ho lona, sesetjhaba se nwe. Moshe a etsa jwalo pontsheng ya baholo ba Iseraele.


Ho ela ha mahlo ho thabisa pelo, ho behelwa tse monate ho nontsha masapo.


Sediba se dukehileng, le mohlodi o katehileng, di ka motho ya lokileng ya tetemang pela moetsadibe.


A matle hakakang dithabeng maoto a ba tlisang ditaba tse molemo, ba bolelang kgotso, ba tlisang taba tse molemo, ba bolelang topollo, ba reng ho Sione: Modimo wa hao o a busa!


Helang! lona kaofela ba nyorilweng, tloong metsing; le lona bao le se nang tjhelete, tloong, ithekeleng, mme le je. Tloong, le ithekele veine le lebese, le se na tjhelete, le se na ho reka.


Na lehlwa la Lebanone le ka tlohela lefika le naheng na? Na metsi a phallang, a phodileng, a tswang hole, a ka psha na?


Bonang dithabeng maoto a ba bolelang ditaba tse molemo, ba tumisang tsa kgotso! Wena Juda, etsa mekete ya hao, o lefe dikano tsa hao, hobane ya bolotsana ha a sa tla hlola a feta ha hao; o timeditswe ruri.


Ka letsatsi la ho qetella mokete, e leng le leholo, Jesu a ema, a howa, a re: Ekare ha e mong a nyorilwe, a tle ho nna, a nwe.


Mme ba tla bolela jwang, ha ba sa rongwe? Jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Maoto a ba bolelang Evangeli ya kgotso a matle hakakang, maoto a ba bolelang Evangeli ya taba tse molemo!


Ke taba e tiileng, e tshwanetseng ho amohelwa ka kgolo yohle, hore Jesu Kreste o tlile lefatsheng ho boloka baetsadibe, bao ke leng wa sehlooho ho bona.


Taba ena ya kgodisa bana ba Iseraele, mme bana ba Iseraele ba rorisa Modimo, mme ha ba ka ba hlola ba bolela hore ba ka ya ba lwantsha le ho senya lefatshe leo bana ba Rubene le bana ba Gade ba ahileng ho lona.


A ba a re ho nna: Ho phethehile! Ke nna alfa le omega, qalo le qetello. Ya nyorilweng ke tla mo nosa feela metsi a sediba sa bophelo.


Moya le monyaduwa ba re: Tloo! Le ya utlwang a ke a re: Tloo! Le ya nyorilweng ha a tle; le ya ratang, a nke feela metsi a bophelo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ