Diproverbia 25:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)2 Kganya ya Modimo ke ho bea ditaba sephiring, empa ho di batlisisa ke kganya ya marena. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE2 Tlotla ho Morena ke ho etsa ditaba sephiri, athe tlotla ya dikgosi ke ho phenyaphenya ditaba. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Morena a re: Ha ke re, letsoho la Joabe le na le wena tabeng tseo tsohle na? Mosadi a araba, a re: Oho morena, monga ka ka moya wa hao o phelang, taba eo ya hao ha e kgelohele ho le letona, leha e le ho le letshehadi; efela e dutse kamoo e boletsweng kateng ke morena, monga ka; efela ke mohlanka wa hao Joabe ya ntaetseng, ya beileng le taba tsena tsohle molomong wa lekgabunyane la hao.
ha ho ka batlwa bukeng ya ditaba tsa ho phela ha bontatao, o tla fumana bukeng ya ditaba tseo, o be o tsebe hore motse ono ke motse o ikgantshang, o senyetsang marena le dinaha; le hore boikgantsho bo nnile ba eba teng motseng ono haesale le mehleng ya boholo; motse ono o bile wa fediswa ka baka leo.