Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 25:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Motho ya pakang leshano ho senya wa habo, ke molamu, le lerumo, le motsu o ntjhotjho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Ya etseletsang mohahabo ka leshano ke koto kapa sabole, kapa motsu o ntjhotjho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 25:18
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba tjhaditsa maleme a bona jwaloka dinoha, mahloko a marabe a katlasa melomo ya bona. (Sela.)


Leleme la hao le rera tshenyo feela, jwaloka lehare le leoditsweng, wena ya etsang bohata.


Puo tsa bona di bonolo jwaloka sereledi, empa pelo tsa bona di rata ntwa feela; mantswe a bona a fetisa ole ka monate, empa ke marumo a tsomotsweng.


Moya wa ka o hara ditau, ke robala hara batho ba phutsalatsang malakabe a mollo, hara batho bao meno a bona e leng marumo le metsu; le maleme a bona ke matlele a bohale.


E mong ha a bebera, puo tsa hae di hlaba jwaloka tsenene, empa molomo wa ya bohlale o a thoba.


O se ke wa ba paki feela ho lwantsha wa heno; o ka thetsa jwang ka melomo ya hao?


O se ke wa itlwaetsa haholo lapeng le wa heno, esere mohlomong a tenwa ke wena, a ba a o hloya.


Ba kobile maleme a bona jwaloka seqha, ho betsa leshano; hase ka bokgabane ba natlafalang lefatsheng, hobane ereha ba etswa bobeng bo bong, ba ye ba tlolele bobeng bo bong; mme ha ba ntsebe, ho bolela Jehova.


Maleme a bona ke motsu o bolayang, ba bolela bohata, ka molomo wa hae e mong a bolelle wa habo kgotso, empa matshwafong a hae a mo tjhehe ka sefi.


Le lona leleme ke mollo, ke naha ya bokgopo; mokgwa wa leleme hara ditho tsa rona, ke ho silafatsa mmele kaofela, ke ho kenya kganare tseleng yohle ya kgolo ya motho, etswe le hoteditswe ke mollo wa dihele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ