Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 25:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Monyatsi ya hlalefileng, ditsebeng tsa motho ya utlwang, o jwaloka lesale la kgauta, le lepetu la kgauta e hlwekileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Ho kgalengwa ke motho ya bohlale, tsebeng e lethwethwe ke lesale, ke mokgabo wa kgauta e hlwekisitsweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 25:12
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Oho, barwetsana ba Iseraele, llelang Saule ya neng a rata ho le apesa ka sekarelata, ya neng a homa diaparo tsa lona ka mekgabo ya kgauta.


Kgauta le kristale ha di bapiswe le jona; leha e le dikgabiso tsa kgauta, di ke ke tsa bo reka;


Yaba banababo bohle, le dikgaitsedi tsa hae kaofela, le bohle bao a neng a tsebana le bona pele, ba tla ho yena, ba ja le yena ka tlung ya hae, ba hlakola meokgo ya hae, ba mo tshedisa hodima bohloko bohle boo Jehova a neng a bo tlisitse hodima hae; e mong le e mong a mo nea sekoto sa silefera le lesale la kgauta.


Ya lokileng a ke a nkotle, ke molemo; a ke a ntaye, ke ole hloohong ya ka; hlooho ya ka e ke ke ya e hana, hobane le jwale ke tla bea thapelo ya ka mohla a leng tsietsing.


Yaba Aarone o re: Rodisang basadi ba lona le bara ba lona le baradi ba lona masale a kgauta a ditsebeng tsa bona, le ntlisetse wona.


Banna ba tla ba ena le basadi; bohle ba pelo tse ithatetseng ba tlisa dihaka, le masale, le ditona, le mefitshana, le mesebetsi e meng ya kgauta ya mefutafuta; motho ka mong a hlahisa mpho ya kgauta eo a e hlahisetsang Jehova.


Lehlanya le nyedisa thuto ya ntata lona, empa ya mamelang tayo o a hlalefa.


Tsebe e utlwang le leihlo le bonang, Jehova o di entse tse pedi.


O se ke wa laya mosomi, esere mohlomong a o hloya; o laye mohlalefi, yena o tla o rata.


Ho molemo hore motho a mamele kgalemelo ya ya hlalefileng, ho ena le hore a mamele pina ya mawatla;


ka kenya lesale nkong ya hao le masale ditsebeng, ka o rwesa le moqhaka o motle hloohong.


Motho ya molemo o ntsha dintho tse molemo letlotlong le molemo la pelo ya hae; mme motho ya lonya o ntsha dintho tse lonya letlotlong le lonya la pelo ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ