8 Ya rerang maqebo a bobe o tla bitswa rabolotsana.
8 Ya lohang mano a ho etsa bokgopo batho ba mmitsa rabolotsana.
Morena a eketsa a re ho Shimei: O tseba bolotsana bohle ba hao, le pelo ya hao e a bo tseba, boo o bo entseng ntate Davida; jwale, Jehova o busetsa bokgopo ba hao hloohong ya hao.
hobane ba o etseditse bolotsana, ba lohile mano, empa ba tla hloka matla;
Ba rerang bobe ha ba lahlehe na? Empa molemo le nnete ke tsa ba rerang botle.
hobane pelo tsa bona di rera tshenyeho, melomo ya bona e bolela bobe.
Morero wa lewatla ke sebe, mme mosomi ke manyala ho batho.
Pelo ya hae e senyehileng e rera bobe kamehla, e jala diphapang;
ke pelo e rerang merero e mebe, le maoto a lebelo ho mathela bobeng;
Haele mothetsi, dibetsa tsa hae ke tsa bolotsana, o loha mano ho timetsa mosenyehi ka dipolelo tsa leshano, leha taba tsa mohloki e le tse lokileng.
Ho wena ho tswile ya rerang bobe hodima Jehova, ya eletsang bolotsana.
Ke basebi, ke baetselletsi, ke ba hloyang Modimo, ke barohaki, ke baikgantshi, ke baikgohomosi, ke ba qapang dimpe, ke ba sa utlweng baholo ba bona.