33 Borokonyana hape, le ho otsela ho honyenyane, le ho iphutha matsoho ho phomola,
33 Ha o ka re shwa! wa boela wa re shwa! wa phuthaphutha matsoho, wa iphomolela,
Ya tshwarang mosebetsi wa hae ka monyebe, ke ngwanabo lehlaswa.
Botswa bo dihela motho bodibeng ba boroko, mme moya wa mokokorohi o tla lapa.
Se rate boroko, esere mohlomong wa fumaneha; phaphama, o tutubolohe, mme o tla kgora bohobe.
Haele nna, ka tadima, ka elellwa; la lemoha, ka inkela thuto teng:
mme bofuma bo tla o fihlela jwaloka senokwane, tlala e o hlahele jwaloka motho ya o hlomeletseng.
Lemati la monyako le iphetola mahokelong a lona, le motswafi diphateng tsa hae.
Ya iphuthang matsoho, ya itjang e le yena ke lewatla;
Le tiisetseng teng, kahobane re tseba dinako, hoba e se e le nako ya ho tsoha borokong; hobane haele kajeno, poloko e haufi le rona ho fetisa mohla re dumetseng.
Ke ka baka leo ho itsweng: Tsoha, wena morobadi, tloha hara bafu, mme Kreste o tla o bonesetsa.