30 Ke ne ke feta pela tshimo ya sekgoba, le pela morara wa ya leahlama;
30 Ke ile ka feta pela tshimo ya sekgoba, ka ba ka feta rapeng sa morara sa ya sethoto,
Ke tla o ruta, o mmamele; ke tla o bolella seo ke se boneng;
Hoo ke ho boneng ke hoba ba lemileng bokgopo, ba jetseng bolotsana, bona ba kotula jona;
Bona, ke tseo re di botsisitseng; di dutse jwalo; o di mamele, o di ele sedi.
Ba lokileng ba bona hoo, mme ba thaba; empa ba bolotsana kaofela ba thibana melomo.
Nkile ka ba motjha, mme jwale ke tsofetse; empa ha ke eso ho bone ya lokileng a tlohelwa, leha e le ditloholo tsa hae di sikila bohobe;
Bohlale bo fumanwa molomong wa motho ya masene, empa thupa e mokokotlong wa ya sa utlweng.
Ya itemelang tshimo o tla kgora bohobe; haele ya ineelang tsa bosawana, ha a na kelello.
Pelo ya sekgoba e lakatsa kamehla, leha ho le jwalo, ha se rue letho; empa moya wa sekgothadi o a nona.
Ya febang le mosadi o feletswe ke kelello; ya etsang hoo o itimetsa moya wa hae kasebele.
Difate tse ferileng ntlo di wa ka baka la botswa ba matsholo a e ferileng, mme ntlo e nela ka baka la matsoho a tswafang ho sebetsa.
Tsena kaofela ke di bone ditshiung tsa ka tsa lefeela: o ye a be teng ya lokileng ya timelang ka ho loka ha hae, le ya kgopo a be teng ya atisang matsatsi a hae ka bokgopo ba hae.