3 Ntlo e hahuwa ka bohlale, e tiiswa ka masene,
3 Bohlale ke bona bo hahang ntlo, kutlwisiso yona e e tsitsise,
Lebitso la hao le tle le tlotliswe kamehla ka ho re, Jehova wa makgotla ke Modimo wa Iseraele, mme ntlo ya Davida, mohlanka wa hao, e ke e tiiswe pela hao.
Mosadi ya bohlale o haha ntlo ya hae; empa ya se nang kutlo o e qhaqha ka matsoho a hae.
Bohlale bo hahile ntlo ya jona ka ditshiya tse supileng tse betlisitsweng hantle.
Ke wona o entseng lefatshe ka matla a wona, o lokisitse lefatshe le ahilweng ka bohlale ba wona, ka hlalefo ya wona o sarolotse mahodimo.
Hobane re ba sebetsang le Modimo, mme lona, le boleme ba Modimo, le mohaho wa Modimo.
le ntse le tebisa metso ho yena, le thewa ka ho yena, le tiya tumelong, jwalokaha le rutilwe, le ntse le tletse teboho.