Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 24:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 O se ke wa thabela ho wa ha sera sa hao; ha se kgoptjwa, pelo ya hao e se ke ya hlasimoloha,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 O se ke wa thabela ho wa ha sera sa hao, pelo ya hao e se nyakalle ha se kgothometseha;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 24:17
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba epela Abnere Hebrone. Teng morena a lla, a bokolla a eme lebitleng la Abnere, le setjhaba sohle sa lla.


Ha ekaba nkile ka thabela tshenyeho ya eo e neng e le sera ho nna, ka hlasimoloha mohla ditlokotsi di mo welang hodimo;


Mme jwale, ha ke ewa, ba ye ba thabe; ba bokana hammoho, ba mpokanela ho nkotla, ke sa tsebe molato; ba ngahola ka maleme, ha ba kgutse.


O se ke wa lesa ba ikentseng dira ho nna ka bolotsana hore ba thabe ka nna, ba se ke ba nyekotsa ka mahlo ka ho ntlhoya feela!


Masapo a ka a robeha, ha bao e leng dira ho nna ba ntlaka, ba ntse ba re ho nna ka matsatsi wohle: O kae na Modimo wa hao?


Ya tshehang mofutsana o soma Ya mmopileng, ya tlakang ditlokotsi tsa ba bang a ke ke a phonyoha kotlong.


esere mohlomong Jehova a bona hoo, a ho fumana ho le hobe, mme a kgaotsa bohale ho yena.


Se kgahlwe ke letsatsi la ngwaneno, ke letsatsi la tsietsi ya hae; se thabele ho fela ha bara ba Juda ka letsatsi la ho fela ha bona; se ahlamise molomo wa hao ka boikgohomoso ka letsatsi la tsietsi.


O se ke wa thaba ka kotsi ya ka, wena o leng sera ho nna, hobane leha ke wele, ke tla boela ke eme; leha ke dutse lefifing, Jehova ho nna ke lesedi.


Dipelo tsa bona ha di thabile, ba re: Samsone a ke a latwe, a tle a re bapadise. Samsone a latwa teronkong, a tla, a bapala pela bona. Ba ne ba mo emisitse phakeng tsa ditshiya.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ