Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 24:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ngwana ka, ja dinotshi, hoba di monate, le makgeha a dinotshi, hoba a monate lehanong la hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Mora ka, eja mahe a dinotshi, hobane a a latsweha, o je kgekge ya dinotshi hobane e a hlabosa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 24:13
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lentswe la hao le monate hakakang mahalapeng a ka, le fetisa dinotshi molomong wa ka.


di fetisa kgauta ka theko, le kgauta e ngata e tshekehileng, di fetisa le dinotshi ka monate, le tse rothang kgekgeng ya tsona.


Puo tse ntle ke lekgeha la dinotshi, di monate moyeng wa motho, di matlafatsa masapo a hae.


Na o fumane dinotshi? O di je ka tekano, esere mohlomong wa tenwa, mme wa di hlatsa.


Ho kgora dinotshi tse ngata hampe ha ho monate; ho jwalo ba ipatlelang hlompho, ba imelwa ke yona.


Motho ya kgotsheng o hatakela dinotshi ka maoto; empa ya lapileng, se babang se monate ho yena.


Melomo ya hao, molebeletswa wa ka, e rotha dinotshi; dinotshi le lebese di katlasa leleme la hao; monko wa diaparo tsa hao eka monko wa Lebanone.


Ke tlile serapeng sa ka, ngwaneso, molebeletswa wa ka, ke ikgoletse mirra ya ka le nonetso ya ka, ka ja kgekge ya dinotshi tsa ka, ka nwa veine ya ka le lebese la ka ... Oho metswalle, jang, le nwe, le tahwe lerato.


O tla ja lebese le dinotshi, a be a tsebe ho hana bobe le ho ikgethela botle.


Johanne o ne a apere kobo ya boya ba kamele, a itlamile letheka ka leqhaama la letlalo; dijo tsa hae e ne e le ditsie le dinotshi tsa naha.


A nka mafura diatleng tsa hae, mme a tloha, a tsamaya a ntse a eja; eitse ha a fihla ho ntatae le mmae, a ba fa, mme le bona ba eja; a mpa a se ke a ba tsebisa hobane o nkile mafura a dinotshi sefifing sa tau.


Haele Jonathane, o ne a sa ka a utlwa ha ntatae a hlapantsha setjhaba; ka baka leo, a isa ntlha ya lere leo a le tshwereng, a e kenya kgekgeng, a ntoo isa ka letsoho molomong wa hae, mme mahlo a hae a ela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ