1 O se ke wa honohela ba bolotsana, o se ke wa lakatsa ho dula le bona;
1 O se ke wa kgahlwa, wa kgahlwa ke ba kgopo, o se lakatse ho etsa setswalle le bona,
Ho lehlohonolo motho ya sa lateleng keletso ya bakgopo, ya sa emeng tseleng ya baetsadibe, ya sa duleng mokgatlong wa basomi;
O se ke wa tlosa moya wa ka le baetsadibe, leha e le bophelo ba ka le ba batho ba madi,
O se ke wa hlora ha o bona ba bolotsana, o se ke wa honohela ba etsang ho hobe!
O lebelle Jehova o ikgutseditse, o itshepise ka yena. O se ke wa hlora ka baka la ya atlehang tseleng ya hae, ka baka la motho ya leseho bolotsaneng ba hae.
hobane ke ne ke honohela baikakasi, ha ke bona lehlohonolo la banyefodi.
Ya tsamayang le ba bohlale o tla hlalefa; empa ya tlwaelaneng le mawatla o tla senyeha.
Pelo ya hao e se ke ya honohela ba babe, o mpe o hlole o tshaba Jehova kamehla,
O se ke wa belaela ka baka la ba bolotsana, o se ke wa honohela baetsadibe;
O se ke wa kgahlwa ke ho itshwantsha le motshwenyi, mekgweng ya hae o se ke wa inkela leha o le mong.
O se ke wa kena tseleng ya ba bolotsana, o se ke wa hata le mmileng wa bakgopo.
Sikoloha, o se ke wa ba wa leba teng, o kgelohe, o iphetele.