Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 23:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)

34 o be jwaloka motho ya robetseng bodibeng ba lewatle, le jwaloka ya robetseng ntlheng ya sefate sa sekepe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

34 O tla ba jwaloka ya robetseng bodibeng ba lewatle, ya paqameng hodima mehala ya sekepe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 23:34
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, Absalome a laela bahlanka ba hae, a re: Le ke le bone pelo ya Amnone ha e thabile ke veine; etlere ha ke re ho lona: Bolayang Amnone, le ke le mmolaye; le se ke la tshaba; ha ke re, ke nna ke le laelang? Itiiseng, le etse ka senna.


Yaba mohlanka wa hae Simri, molaodi wa makoloi a mang a hae, wa mo fetohela. Ela o ne a le Thirtsa, a ntse a enwa, a tahwa ka tlung ya Artsa, molebedi wa ntlo ya hae e Thirtsa.


Ka phefumoloho ya dinko tsa hao metsi a ne a boele hammoho, maqhubu a ema jwaloka lerako, madiba a tiya ka mpeng ya lewatle.


Mahlo a hao a tla tadima diraburabu, mme pelo ya hao e tla bolela tse kgopo;


Ke hona o tla re: Ba nkotlile, athe ha ke a ka ka utlwa bohloko, ba nkentse maoma, athe ha ke a ka ka tseba! ... ke tla tsoha neng, ke boele ke batle hoo hape?


Hase marena, Lemuele, hase marena a loketseng ho rata veine, leha e le mahosana ho lakatsa jwala bo tahang;


Tsohang, matahwa, le lle; le bokolle, lona bohle ba nwang veine, ka baka la veine e ntjha, hobane e tlositswe melomong ya lona.


Hobane jwaloka mehleng e bileng teng pele ho morwallo wa metsi, ha batho ba ne ba eja, ba enwa, ba nyala, ba nyadisa, ha ba ha fihla tsatsi leo Nowe a keneng arekeng ka lona;


Empa le iponele, hore dipelo tsa lona di se ke tsa imelwa ke ho ja le ho nwa hampe, le ke dipelaelo tsa bophelo bona, mme letsatsi leo la le tshwara sehloho;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ