32 Ho felleng, e loma jwaloka noha, e hlaba jwaloka marabe.
32 E qetella ka ho loma jwaloka noha, mahloko a tjhatjhametse jwaloka a marabe.
O antse mahloko a marabe, mme leleme la qowane le tla mmolaya.
O tla hata tau le qowane, o hatakele tawana le noha.
E mong le e mong a lahlela lere la hae, mme mare a fetoha dinoha, empa lere la Aarone la kwenya mare a bona.
Veine ke mosomi, jwala bo lerata; bohle ba kgeloswang ke bona ha ba na bohlale.
Mme qetellong wa bokolla ha ho senyeha dinama tsa mmele wa hao,
Ya tjhekang lemena o tla wela ho lona, ya etsang sekgeo lerakong o tla longwa ke noha.
Lesea le anyang le tla ipapalla mosimeng wa marabe, ngwana ya kgweswang a kenye letsoho lefarung la qowane.
Moqhaka o ikgantshang wa matahwa a Efraime o tla hatakelwa ka maoto.
Ba alama mahe a marabe, ba loha bolepo ba sekgo; ya jang mahe a bona o tla shwa; ekareha le leng le pshatlwa, ho tswa marabe.
Baporofeta ba porofeta leshano, baprista ba busa hammoho le bona, mme setjhaba sa ka se ikgahlisetsa teng. Le tla etsang qetellong?
Hobane, bonang, ke romela hara lona dinoha le diqwaane tse se nang ho upjwa, mme di tla le loma, ho bolela Jehova.
Ho tla ba jwaloka motho ha a balehela tau, mme a kgahlana le bere, kapa a kena tlung, a bea letsoho la hae leboteng ho ikokotlela, mme noha e mo loma.
Leha ba ka ipata qhoweng ya Karmele, teng ke tla batlisisa, ke be ke ba tshware; leha ba ka ipatela mahlo a ka bodibeng ba lewatle, teng ke tla laela noha, mme e tla ba loma;
Mehleng eo, le ne le kotulang dinthong tseo le swabang ke tsona jwale? Hobane bofello ba tsona ke lefu.
Mme le se ke la tahwa ke veine, hobane bohlola bo teng ho yona; le mpe le tlale Moya.