Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 23:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Ke a ba qenehelang ho nwa, ba hlanyetsang veine e tswakilweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

30 Ke ba hlanyetsang veine, ba yang ho latswa veine e tswakilweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 23:30
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A nwa veine, a tahwa, mme a ikapola ka tenteng ya hae.


Hobane mohope o letsohong la Jehova, veine e phophoma ho wona, e tletse ditswako; o tshela ka wona, mme banyefodi ba lefatshe ba tla nwa ho wona, ba be ba nwe le ditshifa.


Veine ke mosomi, jwala bo lerata; bohle ba kgeloswang ke bona ha ba na bohlale.


O se ke wa tlwaela manwajwala le manyolonyolo;


Bo hlabile dikgomo tsa jona, bo tswakile veine, bo tekile le tafole ya jona.


Empa le bona Bajuda ba diadielwa veineng, ba dikadika ke jwala; baprista le baporofeta ba diadielwa jwaleng, ba kgopiswa ke veine, ba diadielwa jwaleng, ba thekesela ha ba bona dipono, ba tetema ha ba ahlola.


Ho madimabe ba tsohelang ho mathela jwaleng, ba sa bo tloheleng ho isa ka phirima, ho fihlela ba tahwa.


Ba nwa veine mehopeng e kgethehileng, ba tlola ole tsa bohlokwa, mme ha ba utlwiswe bohloko ke leqeba la Josefa.


Mme le se ke la tahwa ke veine, hobane bohlola bo teng ho yona; le mpe le tlale Moya.


Ebile Abigaile o ya ho Nabale, a mo fihlela a etsa seboka hae, se kang seboka sa morena, pelo ya Nabale e le tshweu ka ho yena, a tahilwe haholo; ka baka leo, a se ke a mo tsebisa taba leha e le e nyenyane leha e le e kgolo, ho fihlela hosasane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ