Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 23:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 O lalla monna jwaloka hoja ke phoofolo e tsongwang, mme o atisa dihlola hara banna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 se lalla jwaloka senokwane, se atisa dihlola hara banna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 23:28
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha a ne a bua le Josefa ka matsatsi le matsatsi, ha a ka a mo dumela hore a robale le yena, leha e le ho ba le yena.


Molomo wa basadi ba diraburabu ke lemena le tebileng; ya manyala ho Jehova o tla wela teng.


Hobane mosadi wa seotswa o fumanehisa motho, a be a sallwe ke sengwathwana sa bohobe feela, mme letekatsi le tsoma ho phela ha motho ya qenehelwang.


Mme bonang, a kgahlanyetswa ke mosadi ya ikgabisitseng ka mokgwa wa sehlola, a ikgakantse pelo;


mohlomong o eme mapatlelong, mohlomong mabaleng, o lalla koung tsohle.


Athe eo ha a tsebe hobane ke moo bafu ba leng teng, le hoba ba lallang le bona ba mohohlong wa nqalo ya bafu.


Mme ka fihlela hoba mosadi eo pelo ya hae e kang matlowa le difi, eo matsoho a hae e leng ditlamo, o baba ho fetisa lefu. Ya molemo pela Modimo o tla mo phonyohela, empa moetsadibe o tla tshwaswa ke yena.


Emisetsa mahlo a hao marallaneng, o tadime; ke ha e le kae moo o sa kang wa feba teng na? O ne o ntse o ba duletse ditseleng jwaloka Moarabe ya lefeelleng, mme wa silafatsa lefatshe ka bootswa ba hao le ka bolotsana ba hao.


Bofebe le veine le jwala di fedisa kelello ya bona.


Iseraele a duladula Sittime, mme setjhaba sa qala teng ho etsa bohlola le baradi ba Moabe.


Hape, re se ke ra etsa bootswa, jwaloka ba bang hara bona ba kileng ba ineela jona, mme ka tsatsi le le leng ha wa ba dikete tse mashome a mabedi a metso e meraro.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ