Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 23:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ngwana ka, mphe pelo ya hao, mahlo a hao a kgahlwe ke tsela tsa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 Mora ka, ako nnee pelo ya hao, mahlo a hao a kgahlwe, a kgahlwe ke metsamao ya ka,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 23:26
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

empa a ithabela malaong wa Jehova, molao wa wona a o nahana motshehare le bosiu.


Motho ya hlalefileng o kae? A ke a lemohe ditaba tseo, a ele mehauhelo ya Jehova hloko.


Ho lehlohonolo ba bolokang dikeletso tsa hae, ba mmatlang ka pelo yohle ya bona,


Dikeletso tsa hao le tsona ke menyaka ya ka le baeletsi ba ka.


Mora wa ka, o se ke wa lebala thuto tsa ka, pelo ya hao e ke e boloke dikeletso tsa me;


Boloka pelo ya hao ka ho fetisisa, hobane ke yona mehlodi ya bophelo.


ntate o ne a nthuta, a re ho nna: Pelo ya hao e boloke dipolelo tsa ka hantle, o lotolotse dikeletso tsa me, mme o tla phela.


Ke ofe ya bohlale, ya ka utlwisisang taba tseo, ya nang le kelello hore a di tsebe? Hobane ditsela tsa Jehova di lokile, ba lokileng ba tla tsamaya ho tsona, empa baikgantshi ba tla kgoptjwa ho tsona.


Ekare ha e mong a etla ho nna a sa hloye ntatae, le mmae, le mosadi wa hae, le bana ba hae, le banababo, le bokgaitsedie, le bona bophelo ba hae, o sitwa ho ba morutuwa wa ka.


Mme ha ba ka ba etsa feela kamoo re neng re lebeletse kateng, empa ba qadile ka ho ineela Morena le rona, ka thato ya Modimo.


Kreste a tle a ahe dipelong tsa lona ka tumelo;


Rata Jehova, Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka matla a hao wohle.


Hape, re na le ditaba tsa boporofeta, tse tiisitsweng ka ho fetisisa, mme le etsa hantle ha le di ela hloko, jwaloka lebone le bonesitseng nqalong e lefifi, ho fihlela meso e ba e hlaha, mme naledi ya hosasa e tjhabela dipelong tsa lona;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ