25 A a ke a thabe, ntatao, le yena mmao; a nyakalle, ya o belehileng.
25 Ntatao le mmao ba ke ba thabe, mmao ya o tswetseng a ke a nyakalle!
Diproverbia tsa Salomone. Ngwana ya hlalefileng ke thabiso ho ntatae; empa ngwana ya lewatla ke mapalesapelo ho mmae.
Ngwana ya se nang taba o tena ntatae, mme o babisa ya mmelehileng.
Moya wa ka, ha pelo ya hao e hlalefa, pelo ya ka le yona e tla thaba.
Ngwana ka, mphe pelo ya hao, mahlo a hao a kgahlwe ke tsela tsa ka.
Mora wa ka, hlalefa, o nthabise pelo, mme ke tla ba le puo ho fetola ba nkomanyang.
Ba ahisaneng le yena le bahabo ba utlwa hoba Morena o tumisitse mohau wa hae ka yena, ba thaba le yena.