Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 23:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Rua nnete, o se ke wa rekisa ka yona, le bohlale, le thuto, le kelello.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Reka nnete le bohlale le tayo le kutlwisiso, mme o se ke wa ba wa di rekisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 23:23
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka baka leo, ke rata ditaelo tsa hao ho fetisa kgauta, le kgauta e tshekehileng.


Molao o tswileng molomong wa hao ho nna o fetisa dikete tsa ditjhelete tsa kgauta le silefera.


Diproverbia tsa Salomone. Ngwana ya hlalefileng ke thabiso ho ntatae; empa ngwana ya lewatla ke mapalesapelo ho mmae.


Ho rua bohlale ho fetisa ho rua kgauta e hlwekileng hakakang! le ho rua masene ho feta ho rua silefera hakakang!


Tsa ho reka letsohong la sethoto di sebetsang na? Na ke ho reka bohlale na? Empa se hloka pelo.


Pelo ya motho ya nang le kelello e rua tsebo, tsebe tsa ba bohlale di sela yona.


O se ke wa laya mosomi, esere mohlomong a o hloya; o laye mohlalefi, yena o tla o rata.


Helang! lona kaofela ba nyorilweng, tloong metsing; le lona bao le se nang tjhelete, tloong, ithekeleng, mme le je. Tloong, le ithekele veine le lebese, le se na tjhelete, le se na ho reka.


Hape, mmuso wa mahodimo o jwaloka letlotlo le patilweng tshimong, leo eitseng hobane motho a le fumane, a boela a le pata; mme ka baka la ho le thabela, o rekisa ka ntho tsohle tseo a nang le tsona, o ithekela tshimo eo.


Hobane a fumane perela ya bohlokwa, a ya, a bapatsa ka ntho tsohle tseo a nang le tsona, mme a ithekela yona.


Hobane leha motho a ka rua lefatshe lohle, ha a timeletswe ke moya wa hae, ekaba o ruileng ka lona na? Kapa motho moya wa hae a ka o reka kang?


haese hobane, motseng o mong le o mong, Moya o Halalelang o ntse o nkomela hore ditlamo le dihloriso di ntebeletse.


a kgolwa hoba sekgobo sa Kreste ke monono o fetisang matlotlo a Egepeta; hobane o ne a tadimile moputso.


Ba mo hlotse ka madi a Konyana, le ka lentswe la bopaki ba bona; mme ha ba ka ba re letho ka bophelo ba bona, le ho isa lefung.


ke a o eletsa hore o ithekele ho nna kgauta e hlwekisitsweng mollong, o tle o rue; le diaparo tse tsweu, o tle o apare, dihlong tsa bofeela ba hao di tle di se ke tsa bonahala; o ithekele le setlolo sa mahlo, ho a tlotsa ka sona, o tle o bone.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ