Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 23:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Pelo ya hao e se ke ya honohela ba babe, o mpe o hlole o tshaba Jehova kamehla,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Pelo ya hao e se kgahlwe ke baetsadibe, empa kamehla o tjhesehele ho tshaba Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 23:17
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Qalo ya bohlale ke ho tshaba Jehova; bohle ba ineelang hoo ba na le kutlwisiso e lokileng. Kganya ya hae e hlola ka ho sa feleng.


Leruonyana le lenyenyane la ya tshabang Jehova le fetisa maruo a maholo a nang le dipelaelo.


O se ke wa honohela ba bolotsana, o se ke wa lakatsa ho dula le bona;


O se ke wa belaela ka baka la ba bolotsana, o se ke wa honohela baetsadibe;


Ngwana ka, tshaba Jehova le morena, o se ke wa itlwaetsa babelaedi;


Ho lehlohonolo motho ya letswalo kamehla! Ya ithatafatsang pelo o tla wela bobeng.


O se ke wa kgahlwa ke ho itshwantsha le motshwenyi, mekgweng ya hae o se ke wa inkela leha o le mong.


O se ke wa lesela molomo wa hao ho o isa, o se ke wa bolela pela lenqosa la Modimo, wa re: Ke ne ke bua feela! esere Modimo wa halefela lentswe la hao, wa senyetsa mosebetsi wa matsoho a hao.


Hobane jwalokaha ditoro tse ngata e le lefeela, ho jwalo le mantswe a mangata. Ha ho le jwalo, tshaba Modimo.


Jwale, dikereke di ne di dutse ka kgotso kahohle Judea, le Galelea, le Samaria; di ne di hahiswa, di tsamaya ka tshabo ya Morena; mme di ne di anafala ka tshediso ya Moya o Halalelang.


Jwale, baratuwa, ha re ena le dipallo tseo, a re ke re itlhatsweng ditshila tsohle tsa nama le tsa moya, re ntse re phetha kgalalelo ya rona ka ho tshaba Modimo.


Mme ha le bitsa Ntata lona eo e leng ya ahlolang e mong le e mong ka mesebetsi ya hae, e seng ka tshobotsi, le tsamaye ka tshabo mehleng ya ho hlola ha lona lefatsheng;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ