16 Mme ke tla nyakalla kahare ho nna, ha o bua ka ho loka ka melomo ya hao.
16 pelo ya ka e tla nyakalla ha o bua seo e leng nnete.
Pelo ya hao e se ke ya honohela ba babe, o mpe o hlole o tshaba Jehova kamehla,
Mamelang, hoba ke tla bua tse kgolo, melomo ya ka e hlahise tse lokileng.
Polelo e dihlong, leha e le nngwe, e se ke ya tswa melomong ya lona; empa ho tswe e ntle, e lokelang kgahiso, e tle e hlahisetse ba e utlwang molemo.
leha e le taba e dihlong, leha e le ya bowatla, leha e le ya meswaso e mebe, e leng taba tse sa tshwanelang; ho mpe ho utlwahale diteboho.
ke tle ke se pepese ka mokgwa oo ke tshwanetseng ho se bolela ka wona.
Hobane bohle re kgoptjwa nthong tse ngata. Ekare ha e mong a sa kgoptjwe dipuong, eo ke monna ya phethehileng, ya ka tsebang ho busa le mmele kaofela.