13 Se time ngwana kgalemelo; leha o mo shapa ka thupa, a ke ke a shwa:
13 Se hlokise ngwana wa hao kgalemo, thupa ke mosesetso e ke ke ya mmolaya.
Ya hlokisang mora wa hae thupa, o mo hloile; empa ya mo ratang o mo laya a sa le monyenyane.
Laya ngwana hao ha tshepo e sa le teng; empa o se ke wa mo thoothellwa ho mmolaya.
Bohlanya bo tlameletswe pelong ya ngwana, empa thupa ya tayo e tla bo falatsa ho yona.
Neela thuto pelo ya hao, o sekehele ditaba tsa bohlale ditsebe tsa hao.
Thupa le kgalemelo di fa motho bohlale, empa mohlankana ya ipusang o hlabisa mmae dihlong.
Laya mora wa hao, o tla o fa phomolo, a nyakalatse moya wa hao.
Ekare ha le mamella ho lauwa, Modimo o le etsa jwaloka bara ba wona, hobane ke ofe mora eo ntatae a sa mo layeng?