11 hobane mophetetsi wa tsona o matla, o tla di emela, a di lwanele.
11 hoba Mosireletsi wa tsona o matla, ke yena ya tla emela nyewe ya tsona.
Empa ke a tseba hobane Molopolli wa ka o a phela, le hobane qetellong o tla ema lefatsheng.
Ka baka la tsietsi ya bafumanehi, le la masisapelo a basenyehi, ke tla tsoha hona jwale, ho bolela Jehova, mme ke tla fa thuso ho ba hloriswang.
Modimo o lokisetsa ba qhalaneng bodulo, o lokolla ba tshwerweng ho ba kenya naleng; empa bakwenehi ba ikahella naheng e tshehla.
hoba Jehova o emela nyewe tsa bona, mme ba ba jeleng o tla ba amoha bophelo.
Neela thuto pelo ya hao, o sekehele ditaba tsa bohlale ditsebe tsa hao.
Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, ke tla o emela kgotla, ke o pheteletse; ke tla omisa letsha la hae, ke pshese sediba sa hae.
Ho rohakwe ya kgopamisang tokelo ya moditjhaba, le ya kgutsana, kapa ya mosadi wa mohlolohadi! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!