Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 23:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 O se ke wa suthisa mokolokotwane wa kgale, o se ke wa kena tshimong ya dikgutsana;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 O se ke wa tlosa mokolokotwane wa kgale, kapa wa hapa masimo a dikgutsana,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 23:10
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

o ne o kgutlisa basadi ba bahlolohadi ba le feela, o ne o lesa letsoho la dikgutsana ho robeha.


Ho pshemolawa kgutsana letsweleng, bahloki ba amohuwa tsa bona,


Le mpa le le ba ka akgelang letlowa hodima kgutsana, le ho rekisa ka motswalle wa lona.


ba bolaya mohlolohadi le moditjhaba; ba timetsa dikgutsana;


Le se ke la tshwenya mosadi wa mohlolohadi, leha e le kgutsana.


Jehova o ripitla ntlo ya baikgohomosi; empa o tiisa mekolokotwane ya tshimo ya mosadi wa mohlolohadi.


O se ke wa suthisa mokolokotwane wa kgale o beilweng ke bontatao.


Ho itswe ke Jehova: Etsang kahlolo le ho loka, le namolele mofutsana matsohong a ya mo tubang, le se ke la tsohela moditjhaba le kgutsana le mosadi wa mohlolohadi matla; le se ke la ba etsa hampe, le se ke la tsholla madi a se nang molato nqalong ena.


Ekare ha le baka ruri mekgweng ya lona le diketsong tsa lona, ha le etsa kahlolo ya nnete mahareng a motho e mong le wa habo;


ha le sa tube moditjhaba le kgutsana le mohlolohadi, le sa tsholle madi a se nang molato nqalong ena, ha le sa tsamaele medimo esele, ka ho lahleha ha lona;


le se ke la hlorisa mosadi wa mohlolohadi, le kgutsana, le moditjhaba, le mofutsana, le se ke la rerela ngwanabo lona kotsi pelong tsa lona.


Ke tla atamela ho lona ho etsa kahlolo, ke be paki e akofang hodima baloi, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang moputso wa ya sebetsang, le ba jang mosadi wa mohlolohadi le kgutsana, le ba hlorisang moditjhaba, ba sa ntshabe, ho bolela Jehova wa makgotla.


O se ke wa suthisa mekolokotwane ya wa heno e beilweng ke baholo ba hao, lefeng leo o tla le rua naheng eo Jehova, Modimo wa hao, a o fang yona hore o e rue.


Ho rohakwe ya suthisang mekolokotwane ya wa habo! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!


Borapedi bo hlwekileng, bo se nang sekodi mahlong a Modimo Ntata rona, ke ha motho a lekola dikgutsana le basadi ba bahlolohadi mahlomoleng a bona, mme a ipoloka lefatsheng a se na le lethebanyana.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ