Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 22:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Na o lemohile motho ya mahlahahlaha mosebetsing wa hae? O tla ema pela marena, a ke ke a ema pela bao e leng batho feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 Ha o bona motho wa setsebi sa mesebetsi, tseba eo o tla sebeletsa dikgosi, ha a ka ke a sebeletsa bathwana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 22:29
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Faro o re ho bahlanka ba hae: Na re ka hla ra fumana motho ya tshwanang le enwa, eo Moya wa Modimo o leng ho yena?


Josefa o ne a na le dilemo tse mashome a mararo mohla a emang pela Faro, morena wa Egepeta. Mme Josefa a tswa pela Faro, a ya lekola naha yohle ya Egepeta.


Naha ya Egepeta e pela hao; bea ntatao le banabeno naheng e fetisang ka botle, o ba bee naheng ya Goshene, mme ha o tseba banna ba mahlahahlaha hara bona, o ba bee bahlahlobi ba mehlape ya ka.


Ba lata setopo sa Asaele, ba se epela lebitleng la ntatae, Bethlehema. Yaba Joabe le banna ba hae ba tsamaya bosiu bohle; ha bo esa, ba fihla Hebrone.


Ba lehlohonolo, batho ba hao, ba lehlohonolo, bahlanka bana ba hao, ba hlolang ba eme pela hao, ba utlwang bohlale ba hao!


Monna eo, Jeroboame, e ne e le senatla le mohale. Salomone, ha a bona mohlankana eo hobane o sebetsa hantle, a mmea molebedi wa mosebetsi wohle o etswang ke ba ntlo ya Josefa.


Bao ke dibopi; ba ne ba ahile Netaime le Gedera; ba ne ba aha hammoho le morena, ba tle ba sebetse mosebetsi wa hae.


Ya letsoho le botswa o tla fumaneha, empa letsoho la sekgothadi le tla se ruisa.


Letsoho la motho ya mahlahahlaha le tla busa; empa ya botswa e tla ba mohlanka wa ba bang.


Ha o dula ho ya le morena, lemohisisa se beilweng pela hao;


Tsohle tse fihlelwang ke letsoho la hao hore di ka sebetswa, o di etse ka matla a hao; hobane nqalong ya bafu moo o yang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.


Morena a buisana le bona; hara bona kaofela ha ho a ka ha fumanwa e mong ya lekanang le Daniele, le Hanania, le Mishaele, le Asaria, mme ba kena tshebeletsong ya morena.


e be bahlankana ba se nang sekodi le letheba, ba difahleho tse ntle, ba bohlale, ba tswetseng pele tsebong, ba fetisang ka kelello, ba lokelang ho kena tshebeletsong ya ntlo ya borena; ba tla rutwa puo le mangolo a Bakalde.


Morena wa hae a re ho yena: Ke hantle, mohlanka ya molemo, ya kgabane; o bile kgabane dinthong di se kae, jwale ke tla o bea hodima tse ngata; kena thabong ya morena wa hao.


Morena wa hae a re ho yena: Ke hantle, mohlanka ya molemo, ya kgabane; o bile kgabane dinthong di se kae, jwale ke tla o bea hodima tse ngata; kena thabong ya morena wa hao.


Bakeng sa mafolofolo, le se ke la ba botswa; le be le tjheseho moyeng; le sebeletse Morena.


O bolele lentswe, o phehelle nako ha e tshwaneleha, leha e sa tshwanelehe; o laye, o kgalemele, o kgothatse ka mamello yohle le ka ho ruta.


Davida, ha a fihla ho Saule, a fihla a ema pela hae, mme Saule a mo rata haholo, a mmea lehlahana la hae.


Yare ha mantswe a buwang ke Davida a utlwahala, ba a pheta pela Saule, mme Saule a mmitsa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ