2 Morui le mofumanehi ba kgahlana hammoho; ya ba entseng ba babedi ke Jehova.
2 Morui le mofutsana ba tshwana ka sena: Bobedi ba bona ba bopilwe ke Morena.
Ha ke re, ya mpopileng popelong, le eo o mmopile na? Na hase wona o re entseng popelong ya mosadi na?
ya sa kgetheng tshobotsi ya baholo, ya sa rateng morui ho ena le mofumanehi; etswe bohle e le mosebetsi wa matsoho a hae?
Ya tubang mofutsana o nyedisa Mmopi wa hae; empa ya molemo ho mofumanehi o a mo rorisa.
Mosenyehi le mohlorisi ba kgahlana; ke Jehova ya ba edisang mahlo ba babedi.
Leihlo le ke ke la re ho letsoho: Ha ke o hloke; hape, hlooho e ke ke ya re ho maoto: Ha ke le hloke.
Jehova o a fumanehisa, mme o a ruisa, o a kokobetsa, mme o a phahamisa.