12 Mahlo a Jehova a fadimehela tsebo, empa o fedisa ditaba tsa mothetsi.
12 Mahlo a Morena a fadimehela tsebo, empa o nyopisa polelo tsa ya sa tshepahaleng.
Monna wa Modimo a romela ho morena wa Iseraele, a re: Bona hore o se ke wa feta bakeng se itseng; hobane Basiria ba ya theohela teng.
Ruri, mahlo a Jehova a qamaka lefatsheng lohle hore a emele bao pelo tsa bona e leng tsa hae kaofela. O entse ka bothoto; hobane ho qala jwale, o tla nne o hlahelwe ke dintwa.
Empa rona, ra rapela Modimo wa rona, mme ka ho ba tshaba, ra bea balebedi motshehare le bosiu, hore re itshireletse ho bona.
Bokgabane ba ba lokileng bo tla ba tsamaisa; empa bokgopo ba ba babe bo tla ba timetsa.
Ya ratang ho hlweka ha pelo, le ya nang le molomo o motle, ke baratuwa ba morena.
Motho wa sekgoba o re: Tau e teng kantle, nka bolawa mapatlelong.
Empa haeba o tswa ho Modimo, le ke ke la ba la o fedisa; mme le iponele, esere mohlomong la fumanwa le lwantshitse Modimo.
Mme ke moo ho tla hlaha molotsana, eo Morena a tlang ho mo fedisa ka moya wa molomo wa hae, mme o tla mo timetsa ka ponahalo ya ho hlaha ha hae.