7 Ho senya ha baetsadibe ho tla ba kuka, hobane ba hana ho etsa ho lokileng.
7 Dikgoka tsa ba kgopo di tla ba timetsa, hoba ba hana ho etsa ho lokileng.
Bolotsana ba hae bo tla wela hodima hlooho ya hae, bokgopo ba hae bo wele phatleng ya hae.
Jehova o iponahaditse, o lokisitse; o tshwasa ya kgopo ketsong ya diatla tsa hae. (Higgaione. Sela.)
Motho ya lokileng o rwetse mahlohonolo hloohong, empa lonya le aparetse melomo ya e mobe.
Ya phallelang ho loka le mohau o tla fumana bophelo, le ho loka, le kganya.
ke le lahle, le tle le tloswe pela ka, jwalokaha ke setse ke lahlile banababo lona bohle, e leng leloko la Efraime kaofela.
Empa ntatae, kahobane a tubile ngwanabo hampe, a mo tlatlapile, a entse se se nang botle hara setjhaba sa habo, bonang, o tla shwa ka bokgopo ba hae.
Bao ba fetola kahlolo lengana, ba dihela ho loka fatshe;
Motho a se ke a le thetsa ka dipolelo tsa lefeela; hobane ke ka baka la ntho tseo bohale ba Modimo bo tlelang bana ba ho se dumele.