Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 21:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ho ipokellela maruo ka leleme le mano, ke bosawana le maraba a lefu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Tlotlo le fumanwang ka ho bua leshano ke mouwane o fetang le leraba la lefu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 21:6
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Maruo o fumanwang ka bokgopo ha a na moeno; empa ho loka ho qobisa lefu.


Maruo a batlilweng ka mano a tla nne a qephe; empa ya a bokellang ka ho sebetsa, o tla atelwa ke wona.


E mpe! e mpe! ho bolela moreki; ebe o a ikela, a ntse a ithorisa.


Lefa ha le le manyala ho qaleng, le ke ke la hlohonolofatswa qetellong.


Ya jalang bokgopo o tla kotula matshwenyeho, mme thupa ya kgalefo ya hae e tla fela.


Suthisetsa bosawana le puo ya leshano hole le nna. O se ke wa mpha bofuma, leha e le maruo; mphepe ka bohobe bo ntekanang;


Empa ya ntshikolohang o senya moya wa hae; bohle ba ntlhoileng ba rata lefu.


Ya bokellang maruo ka ho se loke, ke kgwale e alamang se sa beweng ke yona; mahareng a ditshiu tsa hae o ya a tlohela, ho feleng ha hae e tla ba lewatla.


Lahlelang hole le lona ditlolo tsohle tsa lona, tseo le tlotseng ka tsona, le iketsetse pelo e ntjha le moya o motjha. Na le ratelang ho shwa, lona ba ntlo ya Iseraele?


bao e ka kgonang ho thijwe melomo ya bona. Ba diha matlo kammoho, ba ruta tse sa tshwanelang, ba tle ba ipokellele moruo wa bokgopo.


Mme ka baka la takatso ya bona ya ho rua ka lona, ba tla le thetsa ka dipolelo tsa mano; empa kahlolo eo e seng e le kgale ba e abetswe, ha e diehe, mme timelo ya bona ha e robale.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ