Akija, ha a utlwa diqi tsa maoto a hae, ha a kena ka monyako, a re: Kena, mosadi wa Jeroboame, o iketsetsang osele na? Nna ke rometswe ho wena ka taba tse thata.
E mong wa bahlanka ba hae, a re: Oho, morena, monga ka, ha o yo; ke Elisha, moporofeta ya Iseraeleng, ya isang ho morena wa Iseraele le mantswe a buwang ke wena kamoreng ya hao ya ho robala.
Ho madimabe ya tsekisanang le Mmopi wa hae; athe ke lengeta hara mangeta a mang a letsopa! Na letsopa le ka re ho ya le bopang: O etsang na? Kapa mosebetsi wa hao o ka bua bakeng sa hao, wa re: Ha o na matsoho na?
Ho itswe ke Jehova: Ya leng bohlale a se ke a ithorisa bohlaleng ba hae, ya matla a se ke a ithorisa matleng a hae, mofumi a se ke a ithorisa lefumong la hae.