Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 21:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Motho ya bolotsana o ithatafatsa sefahleho, empa ya lokileng o sasamatsa tsela ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 Ya kgopo o sosobanya sefahleho, ya lokileng o hlokomela metsamao ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 21:29
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Oho! metsamao ya ka a e ke e tiiswe, ke tle ke boloke dikomelo tsa hao,


Ke nahana metsamao ya ka, ke lebisetsa maoto a ka dikeletsong tsa hao.


Ho loka ha motho ya lokileng ho tla mo hlekela tsela, empa e mobe o tla dihelwa ke bobe ba hae.


Ho lehlohonolo motho ya letswalo kamehla! Ya ithatafatsang pelo o tla wela bobeng.


Motho ya ntseng a kgalemelwa hangata, mme a itshatalatsa molala, o tla robeha hanghang, ho se le sehlare.


Mahlo a hao a shadime, a tsepame, dintshi tsa hao le tsona di ribolohe ka ho loka.


O iqamakele ho hata ha maoto a hao hantle, tsela tsa hao tsohle di tle di loke.


Jwale, a mo tshwara, a mo aka; ka sefahleho se se nang dihlong a re ho yena:


Ya lekanang le ya bohlale ke mang? Mme ke mang ya ka tsebang ho hlalosetsa taba na? Bohlale ba motho bo edisa sefahlelo sa hae, mme bo fetola bothata ba sefahlelo sa hae.


Jehova, ha ke re, mahlo a hao a lemohile nnete? Wa ba otla, ba mpa ba sa utlwe bohloko; wa ba fedisa, ba mpa ba hana ho amohela tayo; ba hlile ba ithatafaditse difahleho ho fetisa lefika, ba hana ho sokoloha.


Ba tla hlabiswa dihlong, hobane ba entse manyala; ba tla nne ba hlabiswe dihlong, ba be le maswabi; ka baka leo, ba tla wa le ba wang, mohla ke ba kgalemelang, ba tla hle ba dihuwe, ho bolela Jehova.


Ekare ha a itisa, a kgeloha ditlolo tsohle tseo a neng a di etsa, o fela a tla phela; ha a ka ke a shwa.


Mme jwale, ho bolela Jehova wa makgotla: Lekolang ditsela tsa lona pelong tsa lona: Le jetse haholo, empa le thothile hanyenyane;


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Lekolang ditsela tsa lona pelong tsa lona.


Mme jwale, batlisisang he pelong tsa lona tsa mohla ho esong ho bewe lejwe hodima lejwe tempeleng ya Jehova, ho tloha tsatsing lena ho kgutlela morao.


Oho! re etsetswe tsela ya ho tla ho lona ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena wa rona Jesu Kreste!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ