A re tsebeng, a re phehelleng ho tseba Jehova! Ho hlaha ha hae ho tiile jwaloka mafube a meso; o tla re tlela jwaloka pula, jwaloka pula ya hwetla e nosetsang lefatshe.
Ka baka leo, banabeso ba ratwang, tiyang matla, le se ke la sisinyeha, mme le nne le eketse kamehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hobane mosebetsi wa lona e ke ke ya eba wa lefeela Moreneng.
E seng hore ke se ke nkile moputso, leha e le hore ke se ke phethehile; empa ke ntse ke phalla hore ke tle ke hape seo Kreste le yena a nkgapetseng sona.
O ke o balehele ditakatso tsa botjha, mme o phehelle ho loka, le tumelo, le lerato, le kgotso hammoho le bohle ba rapelang Morena ka pelo e hlwekileng.
hore tumelo ya lona, ha e se e lekilwe, e leng e fetisang hole kgauta e timelang, athe le yona e ye e lekwe ka mollo, e tle e le fetohele poko, le hlompho, le kganya, mohla Jesu Kreste a hlahang;