Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 21:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Letlotlo le lakatsehang le mafura di ka tlung ya ya bohlale; empa lewatla le di metsa feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Lapeng la ya bohlale ho tletse menono, le maruo, athe sethoto sona se hafaka se sa qenehele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 21:20
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O metsitse menono, mme jwale o tshwanetse ho e hlatsa; Modimo o ya e ntsha mpeng ya hae.


O tla busetsa ditlatlapilweng tsa hae, a ke ke a di rua. O tla busetsa tse lekanang le tseo a di tlatlapileng, mme ha a sa tla di thabela.


Menono e ka tlung ya hae le maruo; ho loka ha hae ho hlola ka ho sa feleng.


O teka tafole pela ka, pontsheng ya dira tsa ka; o tlotsitse hlooho ya ka ka ole, mohope wa ka o a kgaphatseha.


Lehlohonolo la Jehova le entsha motho, hase mokgathala wa hae o mo ekeletsang leruo.


Maruo a motho ya hlalefileng ke moqhaka wa hae; haele lewatla, bowatla ba lona e ntse e le bowatla.


Ka tlung ya motho ya lokileng ho na le matlotlo; empa leruo la e mobe lona ke pelaelo.


Moputso wa boikokobetso le wa ho tshaba Jehova ke leruo, le kganya, le bophelo.


Ke ruisa ba nthatang mafa a dintho tse sa feleng, ke tlatsa dipolokelo tsa bona.


Seboka se etsetswa thabo, veine e thabisa ba phelang, ka ditjhelete ho fihlelwa tsohle.


Efela ha Modimo o neile motho e mong leruo le monono, ha o mo neile le tokelo ya ho di ja le ho ingwathela ho tsona le ho thabela mosebetsi wa hae, hoo ke mpho ya Modimo;


Bohlale bo molemo jwaloka lefa, bo fetisa le lefa ka molemo ho ba bonang letsatsi;


Empa batho ba leshome ba eba teng ho bona, ba bolella Ishmaele, ba re: O se ke wa re bolaya, hobane re na le moo re patileng koro naheng, le harese, le ole, le dinotshi. Yaba o a ba lesela, mme ha ba ka ba eshwa le ba habo bona.


Mawatla a re ho ba bohlale: Le re qhatsetse ole, hobane dilampi tsa rona di a tima.


Eitse hobane a qete tsohle, ha wa tlala e kgolo lefatsheng leo; mme a qala ho hloka.


Le hona Jesu a bolella barutuwa ba hae, a re: Motho wa morui o ne a le teng, ya nang le qhoku, mme ya qoswa ho yena, ha thwe, e qhalantse letlotlo la hae.


Motho ya molemo o ntsha ditaba tse molemo letlotlong le molemo la pelo ya hae, mme motho e mobe o ntsha ditaba tse mpe letlotlong le lebe la pelo ya hae; hobane molomo wa motho o bolela seo pelo e tletseng sona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ