Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 21:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Tsela tsa motho kaofela di lokile mahlong a hae, empa Jehova ke yena ya lekanyang dipelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Motho o bona tsela tsohle tsa hae, o di bona di nepahetse, empa Morena ke yena ya lekolang pelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 21:2
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

[Modimo o ke o ntekanye ka sekala sa ho loka, mme o tla fihlela hoba ha ke na molato]


hobane ka mokgwa wa ho bona ha hae, o iqeka e le yena hore ho ke ke ha fihlelwa bokgopo ba hae e leng ho hloya.


Tsela ya lewatla e lokile mahlong a lona; empa ya amohelang keletso o bohlale.


Mekgwa yohle ya motho e lokile mahlong a hae; empa Jehova o lekanya meya.


Mohlomong ho motho tsela e nngwe eka e sasametse, athe phello ya yona ke lefu.


Silefera e qhibidiswa pitseng ya lesehla, kgauta e bediswa seboping; empa ya lekang dipelo ke Jehova.


Ba ipolelang molemo ba bangata, empa motho ya tshepehang a ka fumanwa ke mang?


Ha o re: Bonang, ha re ba tsebe, na ya lekanyang dipelo a ke ke a hlokomela na? Ya lebelang moya wa hao a ke ke a tseba na? Na a ke ke a putsa motho ka mong ka ho lekanang mosebetsi wa hae na?


Moloko oo o hlwekile mahlong a wona, athe ha o eso ho itlhatswe ditshila tsa wona.


Ke nna Jehova ke lekolang pelo, ke lekang matheka, ke tle ke busetse ho e mong le e mong ka mokgwa wa hae le ka tholwana ya diketso tsa hae.


Thekel (lekantswe): O lekantswe ka sekala, mme ha fumanwa o le tjhatsi.


Yaba o re ho bona: Haele lona, le ipea ba lokileng pela batho, empa Modimo o tseba dipelo tsa lona; hobane se phahameng ho batho, ke manyala pela Modimo.


Hobane ekare ha e mong a itekanya hore ke letho, athe hase eng, o ithetsa e le yena.


Le be baetsi ba lentswe, e seng bautlwi feela ba ithetsang.


Ke tla bolaya bana ba hae ka lefu; mme dikereke tsohle di tla tseba hobane ke nna ya lekolang matheka le dipelo; mme ke tla putsa e mong le e mong wa lona ka ho lekanang mesebetsi ya hae.


Jehova a re ho Samuele: O se ke wa tadima tshobotsi ya hae, leha e le bolelele ba seemo sa hae; nna ke mo lahlile; hobane Jehova ha a bone kamoo motho a bonang kateng; hobane motho o tadima tshobotsi, empa Jehova yena o tadima pelo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ