15 Ho etsa ho loka ke thabo ho ya lokileng, empa ho bakgopo ke polao.
15 Ha ho sebetswa ka toka ba lokileng ba a thaba, athe ba kgopo bona ba tlalwa ke tshabo.
Bokang Jehova! Ho lehlohonolo motho ya tshabang Jehova, ya ithabelang ditaelong tsa hae haholo.
Ke ithabisa ka dikomelo tsa hao, ha ke lebale lentswe la hao.
Hola molao wa hao o sa ka wa nthabisa, nka be ke fedile bomadimabeng ba ka.
Ho etsa ho ratwang ke wena, Modimo wa ka, ke sona seo ke se ratang, molao wa hao o ngodilwe pelong ya ka.
Tsela ya Jehova ke qhobosheane ho ya kgabane, empa ho ba kgopo ke tshenyeho.
Ya kgabane o lemoha ntlo ya e mobe; Jehova o senya ba babe ka baka la diketso tsa bona tse mpe.
Motho ya kgelohang tsela ya hlalefo o tla fella sebokeng sa bafu.
Mora wa ka, o ka hapuwa jwang ke mosadi wa letekatsi, wa ikamanya jwang sefuba sa mosadi osele na?
Kahoo, ke lemohile hobane ha ho letho le ka bang molemo ho bona, haese ho itumela le ho iketsetsa boiketlo ka tshiu tsa bophelo ba bona;
O kgahlanyetsa ya ithabisang ka ho etsa ho lokileng, ya o hopolang ka ho boloka ditsela tsa hao. Bona, wa nna wa halefa, hobane re ne re o sitetswe, mme ra tiisetsa teng halelele; mme re ka bolokeha jwang?
Mohlang oo, ke tla ba bolella pepeneneng, ke re: Ha ke a ka ka le tseba le mehla; ntloheleng, lona ba sebetsang bokgopo.
Jesu a re ho bona: Sejo sa ka ke ho etsa thato ya ya nthomileng, le ho phetha mosebetsi wa hae.
Hobane haele ka motho wa kahare, ke thabela molao wa Modimo;