Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 21:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ya ithibang ditsebe hore a se ke a utlwa dillo tsa mosenyehi, o tla lla le yena, empa a ke ke a lemohuwa ke motho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Ya ithibang ditsebe ha mofutsana a lla, le yena o tla lla, empa a ke ke a mamelwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 21:13
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka udubatsa le sefuba sa seaparo sa ka, ka re: Modimo o ke o udubatse jwalo tlung ya hae le mosebetsing wa hae motho ka mong ya ke keng a phetha polelo ena; a fele a udubatswe jwalo, mme a tshollwe. Yaba phutheho kaofela e re: Ho be jwalo! Ba rorisa Jehova, mme setjhaba sa etsa ka polelo eo.


Ke hobane ke ne ke lwela mosenyehi, ha a kopa thuso, le kgutsana e hlokileng mothusi;


Ba howa, empa monamoledi a ba siyo; ba howeletsa ho Jehova, mme ha a ka a araba.


ba na le mahloko a kang a dinoha, ba tshwana le marabe a ithibanyang ditsebe,


mohlang oo, ba tla bitsa ho nna, empa ha nka ke ka araba; ba tla mpatla e sa le kameso, empa ba ke ke ba mphumana.


Ya sitsang bafumanehi a ke ke a hloka; haele ya itutubatsang mahlo, ho tla ata dithohako ho yena.


Hobane ekare ha le tshwarela batho ditlolo tsa bona, Ntata lona ya mahodimong o tla le tshwarela le lona;


hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona; mme tekanyo eo le lekanyang ba bang ka yona, le tla lekanyetswa ka yona le lona.


Etlare monga ntlo ha a se a tsohile, mme a kwetse monyako, lona le tla qala ho ema kantle, le ho kokota monyako, le re: Morena, Morena, re bulele! Mme o tla araba, a re ho lona: Ha ke le tsebe moo le tswang teng.


Yaba ba phahamisa mantswe, ba howa, ba ithiba ditsebe, mme ba itihela hodima hae hammoho.


Empa motho ha a na le dintho tsa bophelo ba lefatshe, mme a bona ngwanabo a hloka, mme a mo kwalla pelo ya hae, lerato la Modimo le dutse jwang ho yena?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ