Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 20:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ba ipolelang molemo ba bangata, empa motho ya tshepehang a ka fumanwa ke mang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Motho ka mong o ithorisa ka molemo wa hae, ya tshepahalang yena a ka fumanwa ke mang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 20:6
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O re boloke, Jehova, etswe ba molemo ba fela, mme batshepehi ba timela hara bana ba batho.


Ba etsetsana mashano ba bang ho ba bang; qeko e melomong ya bona, ba bua ba ena le pelo tse pedi.


Morero pelong ya motho e ka koetsa, ya nang le kelello o ya kga teng.


Ya ithorisang ka ho fana ha leshano, o jwaloka maru le moya o fokang, pula e le siyo.


Ya o rorisang e be e mong, e seng leleme la hao; e be osele ho wena, e seng molomo wa hao.


Seo pelo ya ka e ntseng e se batla, ha ke eso ho se fumane: ho ba sekete, monna, ke mo fumane; empa ho bohle, mosadi, ha ke a mo fumana.


Eyang le diterata tsa Jerusalema, le tadime, le itsebele tsa teng, le batle mapatlelong a teng, ha le ka fumana motho wa sebele, ha e mong a ka ba teng ya etsang ka ho loka, ya phehellang nnete, ke tle ke hauhele motse.


Jo nna! ke jwaloka serapa, ha ho kotutswe ditholwana tsa sona, jwaloka tshimo ya merara e kgwahlapiswang, ha e kotutswe: ha ho sa le lesihla la morara le ka jewang, leha e le selopotsiya sa feiye se lakatswang ke moya wa ka!


Motho ya bokgabane o timetse lefatsheng, ha ho sa le ya lokileng hara batho. Bohle ba lalla hore ba tsholle madi, e mong le e mong o tsoma ngwanabo ka leraba.


Ka baka leo, ha o etsa thuso, o se ke wa letsa terompeta pela hao, jwalokaha ho etswa ke baikaketsi ka masinagogeng le diterateng, ba tle ba roriswe ke batho. Kannete ke a le bolella, ke re: Ba se ba nkile moputso wa bona.


Mofarisi a ema, mme a iketsetsa thapelo, a re: Modimo, ke a o leboha ha ke se jwaloka batho ba bang, e leng mashodu, le bakgopo, le bafebi, leha e le jwaloka molekgetho enwa.


Yaba Petrose o re: Bona, re tlohetse hohle, mme re o latetse.


Ke a le bolella, o tla phakisa ho ba ahlolela. Leha ho le jwalo, etlare ha Mora motho a etla, na o tla fumana tumelo e le teng lefatsheng na?


Simone a re ho yena: Morena, ke itokisitse ho ya le wena teronkong, leha e le lefung.


Nathanaele a re ho yena: Na ntho e molemo e ka tswa Nasaretha na? Filipi a re ho yena: Tloo, o bone.


Ha ke ithorisitse, ke fetohile lewatla, ke lona le ntshusumeleditseng teng; hobane ke ne ke tshwanelwa ke ho emelwa ke lona, hobane ha ke a ka ka fetiswa ka letho, leha le le leng, ke baapostola ba fetisang ka boholo, leha ke se eng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ